5. Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.
6. Empa Timothea, ha a etla ho rona a etswa ha heno, o re behetse ditaba tse monate tsa tumelo ya lona le tsa lerato la lona, a re, le ntse le re hopotse kamehla, le lakatsa haholo ho re bona jwalokaha le rona re lakatsa ho le bona.
7. Efela banabeso, re tshedisitswe ke lona, ka tumelo ya lona, mahlomoleng wohle a rona le tsietsing tsa rona.
8. Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela.
9. Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona?
10. Re ntse re o rapela motshehare le bosiu ka ho fetisisa, hore re ke re tsebe ho bona difahleho tsa lona le ho ekeletsa tumelo ya lona ka seo e haellwang ke sona.