1 Bathesalonika 3:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;

3. ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.

4. Hobane esitile re sa na le lona, re nnile ra le bolella pele hore e ka kgona re hloriswe, jwalokaha ho etsahetse le hona, le jwalokaha le tseba.

5. Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.

6. Empa Timothea, ha a etla ho rona a etswa ha heno, o re behetse ditaba tse monate tsa tumelo ya lona le tsa lerato la lona, a re, le ntse le re hopotse kamehla, le lakatsa haholo ho re bona jwalokaha le rona re lakatsa ho le bona.

1 Bathesalonika 3