5. Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.
6. Ke rialo ka ho le qenehela, e seng ka taelo.
7. Hobane nka rata ha batho bohle ba ka ba jwaloka nna; empa motho ka mong o na le neo ya hae e mo lokelang, e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa o itseng, e mong ka osele.
8. Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna.
9. Empa ekare ha ba sitwa ho itshwara, ba nyale; hobane haele ho nyala, e le ho tjha, ho molemo ke ho nyala.
10. Haele ba seng ba nyetse, ke a ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re:
11. Mosadi a se ke a hlala monna wa hae — leha mosadi a se a mo hladile, a itulele a se ke a nyalwa; kapa a boelane le monna wa hae — le yena monna a se ke a hlala mosadi wa hae.
12. Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena.
13. Mme mosadi ya nang le monna ya sa dumelang, ekare ha monna a dumela ho dula le yena, a se ka a mo hlala.
14. Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; hoja ha ho jwalo, ekabeba bana ba lona ke bana ba ditshila, athe jwale ba halalela.
15. Empa ekare ha ya sa dumelang a hlala ya dumetseng, a mo hlale; moena rona wa monna, kapa wa mosadi, ha a tlangwa ditabeng tse jwalo; empa Modimo o re bileditse ho tsa kgotso.
16. Hobane wena mosadi, o tseba kang hobane o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o tseba kang hobane o tla pholosa mosadi wa hao na?
17. Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.
18. Motho ha a bitsitswe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitswe a eso ho ka a bolla, a se ke a bolla.
19. Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.