1 Bakorinthe 7:27-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Ha o tlameletswe ho mosadi, o se ke wa batla tokoloho. Ha o sa ka wa tlamellwa ho mosadi, o se ke wa batla mosadi.

28. Empa ekare ha o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe; empa ba jwalo ba tla ba le matshwenyeho nameng, mme nna ke a le qenehela.

29. Seo ke se bolelang, banabeso, ke hoba, jwale, nako e kgutshwanyane; e le hore ba nang le basadi ba be jwaloka hoja ba se na bona;

30. ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be jwaloka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be jwaloka hoja ba sa rua letho;

31. le ba itshebeletsang ka tsa lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokgwa wa lefatshe lena o a fela.

32. Nka rata hore le hloke pelaelo. Ya sa nyalang o hlokomela tseo e leng tsa Morena, le kamoo a ka kgahlisang Morena kateng.

33. Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang mosadi wa hae kateng.

34. Mosadi ya nyetsweng le morwetsana ha ba tshwane. Ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele mmeleng le moyeng; empa ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang monna wa hae kateng.

35. Ke rialo ka ho lekanya se ka bang molemo ho lona, e seng ho le tjheha ka leraba; e le hore le mpe le etse ka hlokomelo, mme le sebeletse Morena le sa horeletswe ke letho.

36. Empa ekare ha motho a lekanya hobane e ka ba ntho e dihlong ho moradi wa hae ha a ka feta palesa ya botjha ba hae a eso ho nyalwe, mme a tshwanetse ho nyalwa, a etse seo a se ratang; ha a etse sebe; ha ba ke ba nyalwe.

37. Empa ya tiyang pelong ya hae, ya sa thibelwang ke letho, a mpa a iketsetsa ka ho rata, ya rerileng pelong ya hae hore moradi wa hae o tla dula ho yena, o etsa hantle.

38. Mme jwale, ya nyadisang moradi wa hae, o etsa hantle, mme ya sa mo nyadiseng, o etsa hantle ka ho fetisisa.

39. Mosadi o tlameletswe ho monna wa hae ke molao mehleng yohle eo monna wa hae a phelang ka yona; empa ekare ha monna wa hae a shwele, eba o lokolotswe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng.

40. Leha ho le jwalo, molomo wa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: mme ke lekanya hoba le nna ke na le Moya wa Modimo.

1 Bakorinthe 7