14. Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; hoja ha ho jwalo, ekabeba bana ba lona ke bana ba ditshila, athe jwale ba halalela.
15. Empa ekare ha ya sa dumelang a hlala ya dumetseng, a mo hlale; moena rona wa monna, kapa wa mosadi, ha a tlangwa ditabeng tse jwalo; empa Modimo o re bileditse ho tsa kgotso.
16. Hobane wena mosadi, o tseba kang hobane o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o tseba kang hobane o tla pholosa mosadi wa hao na?
17. Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.
18. Motho ha a bitsitswe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitswe a eso ho ka a bolla, a se ke a bolla.
19. Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.
20. Motho ka mong a ke a dule kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
21. Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.
22. Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.
23. Le rekilwe ka theko; le se ke la fetoha baruwa ba batho.
24. Banabeso, motho ka mong a dule pela Modimo kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
25. Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.
26. Ka baka leo, ke lekanya hore ho ka ba molemo ho motho ho itulela jwalokaha a dutse, ka baka la tsietsi ya mehla ena.