1 Bakorinthe 7:1-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, haele ka taba tseo le nngoletseng tsona, nka re: Ho ka ba molemo ho monna ha a sa ame mosadi.

2. Empa ka baka la ho tshaba bofebe, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.

3. Monna a nee mosadi seo e leng tshwanelo, le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae.

4. Mmele wa mosadi ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya monna; le mmele wa monna ha o pusong ya hae, o mpa o le pusong ya mosadi.

5. Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.

6. Ke rialo ka ho le qenehela, e seng ka taelo.

7. Hobane nka rata ha batho bohle ba ka ba jwaloka nna; empa motho ka mong o na le neo ya hae e mo lokelang, e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa o itseng, e mong ka osele.

8. Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna.

9. Empa ekare ha ba sitwa ho itshwara, ba nyale; hobane haele ho nyala, e le ho tjha, ho molemo ke ho nyala.

10. Haele ba seng ba nyetse, ke a ba laela, e seng nna, empa e le Morena, ke re:

11. Mosadi a se ke a hlala monna wa hae — leha mosadi a se a mo hladile, a itulele a se ke a nyalwa; kapa a boelane le monna wa hae — le yena monna a se ke a hlala mosadi wa hae.

12. Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena.

13. Mme mosadi ya nang le monna ya sa dumelang, ekare ha monna a dumela ho dula le yena, a se ka a mo hlala.

14. Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; hoja ha ho jwalo, ekabeba bana ba lona ke bana ba ditshila, athe jwale ba halalela.

15. Empa ekare ha ya sa dumelang a hlala ya dumetseng, a mo hlale; moena rona wa monna, kapa wa mosadi, ha a tlangwa ditabeng tse jwalo; empa Modimo o re bileditse ho tsa kgotso.

16. Hobane wena mosadi, o tseba kang hobane o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o tseba kang hobane o tla pholosa mosadi wa hao na?

17. Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.

18. Motho ha a bitsitswe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitswe a eso ho ka a bolla, a se ke a bolla.

19. Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.

20. Motho ka mong a ke a dule kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.

21. Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.

1 Bakorinthe 7