1 Bakorinthe 4:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.

3. Mme haele ka nna, e ka ba nthwana e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; esita e le nna, ha ke ikahlole.

4. Hobane ha ke ikutlwe letho la molato; leha ho le jwalo, ha ke a bewa ya lokileng ke hona, empa ya nkahlolang ke Morena.

5. Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.

6. Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.

7. Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?

8. Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!

9. Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.

10. Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.

11. Ho fihlela nako ena, re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a jabelwa, mme re hloka setsha.

12. Re kgathala ke ho sebetsa ka matsoho a rona; leha re sejwa, re hlohonolofatsa ba bang; leha re hloriswa, re mameletse.

13. Leha re nyefolwa, re a rapela; re entswe dithole tsa lefatshe, le dilahlwa tsa bohle, ho fihlela jwale.

1 Bakorinthe 4