1 Bakorinthe 4:16-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ke le kgothatsa ke hona, ke re, le be baetsisi ba ka.

17. Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.

18. Ba bang ho lona ba ikgantshitse jwaloka hoja ke sa tlo hlola ke eya ho lona.

19. Athe ke se ke tla ya ho lona kapele, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng dipolelo tsa ba ikgantshitseng, empa e le matla a bona.

20. Hobane mmuso wa Modimo ha o dipolelong, empa o matleng.

21. Na le ratang? Ke tle ho lona ka thupa, kapa ka lerato le ka moya o mosa na?

1 Bakorinthe 4