1. Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.
2. Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.
3. Mme haele ka nna, e ka ba nthwana e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; esita e le nna, ha ke ikahlole.
4. Hobane ha ke ikutlwe letho la molato; leha ho le jwalo, ha ke a bewa ya lokileng ke hona, empa ya nkahlolang ke Morena.
5. Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
6. Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.
7. Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?
8. Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!