1 Bakorinthe 2:14-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.

15. Empa motho wa moya o ahlola tsohle, mme ha a ahlolwe ke motho.

16. Hobane ke mang ya tsebileng kgopolo ya Morena a tle a mo rute? Empa rona, re tsebile kgopolo ya Kreste.

1 Bakorinthe 2