1 Bakorinthe 16:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.

8. Empa ke tla dula Efese ho be ho fihle Pentekonta.

9. Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.

10. Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

1 Bakorinthe 16