1 Bakorinthe 15:23-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.

24. Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a busetsang mmuso ho Modimo Ntate, mme a fedisang borena bohle, le mebuso yohle, le matla wohle.

25. Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae.

26. Sera se tlang ho fediswa moraorao ke lefu.

27. Hobane Modimo o fela o beile tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho itswe, tsohle di beilwe katlasa hae, ho a utlwahala hobane ya di beileng tsohle katlasa hae, yena ha a balwe.

28. Mme etlare ha tsohle di beilwe katlasa hae, ke hona Mora le yena a tla bewa katlasa ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo e tle e be tsohle ho bohle.

1 Bakorinthe 15