1 Bakorinthe 14:29-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ho bolele baporofeta ba babedi, leha e le ba bararo, mme ba bang ba ahlole se bolelwang.

30. Mme ekare ha e mong wa ba dutseng a newa tshenolo, ya emeng pele a kgutse.

31. Hobane le ka porofeta bohle ka ho latelana, hore bohle ba rutwe, mme bohle ba kgothatswe.

32. Meya ya baporofeta e buswa ke baporofeta.

33. Hobane Modimo hase Modimo wa moferefere, empa e le wa kgotso, jwalokaha ho bonwa dikerekeng tsohle tsa bahalaledi.

1 Bakorinthe 14