1 Bakorinthe 12:4-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela.

5. Ditshebeletso le tsona di arohane, empa Morena o mong feela.

6. Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle.

7. Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle.

8. Hobane e mong o newa ke Moya puo ya bohlale; e mong o newa puo ya tsebo ke Moya wona oo.

9. E mong o fuwa tumelo ke wona Moya oo; e mong o fuwa ke Moya wona oo dineo tsa ho fodisa.

10. E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.

11. Tseo tsohle di sebetswa ke wona Moya oo o leng mong feela, o ntseng o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.

12. Hobane jwalokaha mmele o le mong, mme o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele o leng mong, leha di le ngata, e le mmele o le mong feela, Kreste le yena o jwalo.

13. Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.

14. Efela mmele hase setho se le seng, empa ke ditho tse ngata.

15. Hoja leoto le ka re: Erekaha ke se letsoho, ha ke wa mmele, na hase la mmele leha ho le jwalo na?

16. Mme tsebe leha e be e ka re: Erekaha ke se leihlo, ha ke wa mmele, na hase ya mmele leha ho le jwalo na?

17. Hoja mmele wohle e ka ba leihlo, kutlo e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kutlo, kutlo ya nko e ka ba kae na?

18. Mme jwale, Modimo o beile ditho mmeleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.

19. Hola tsohle ke setho se le seng feela, mmele o ka be o le kae?

20. Empa jwale, ditho di ngata, mmele wona o mong.

21. Leihlo le ke ke la re ho letsoho: Ha ke o hloke; hape, hlooho e ke ke ya re ho maoto: Ha ke le hloke.

22. Tjhe, empa ditho tsa mmele tseo e kang di fetisa ka ho fokola, ke tsona tse hlokwang haholo.

23. Mme ditho tsa mmele tseo re lekanyang hoba ha di na ho hlonephuwa, ke tsona tseo re di apesang ka hlonepho, mme ditho tsa rona tse leng mpe, ke tsona tse nang le hlompho e tlodisang.

24. Hobane ditho tsa rona tse ntle ha di batle kgabiso; empa Modimo o kopantse mmele jwalo, o hlomphisitse ka ho fetisa ho neng ho hloka hlompho;

1 Bakorinthe 12