13. Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.
14. Efela mmele hase setho se le seng, empa ke ditho tse ngata.
15. Hoja leoto le ka re: Erekaha ke se letsoho, ha ke wa mmele, na hase la mmele leha ho le jwalo na?
16. Mme tsebe leha e be e ka re: Erekaha ke se leihlo, ha ke wa mmele, na hase ya mmele leha ho le jwalo na?
17. Hoja mmele wohle e ka ba leihlo, kutlo e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kutlo, kutlo ya nko e ka ba kae na?
18. Mme jwale, Modimo o beile ditho mmeleng, se seng le se seng sa tsona, kamoo o ratileng kateng.
19. Hola tsohle ke setho se le seng feela, mmele o ka be o le kae?
20. Empa jwale, ditho di ngata, mmele wona o mong.
21. Leihlo le ke ke la re ho letsoho: Ha ke o hloke; hape, hlooho e ke ke ya re ho maoto: Ha ke le hloke.
22. Tjhe, empa ditho tsa mmele tseo e kang di fetisa ka ho fokola, ke tsona tse hlokwang haholo.
23. Mme ditho tsa mmele tseo re lekanyang hoba ha di na ho hlonephuwa, ke tsona tseo re di apesang ka hlonepho, mme ditho tsa rona tse leng mpe, ke tsona tse nang le hlompho e tlodisang.
24. Hobane ditho tsa rona tse ntle ha di batle kgabiso; empa Modimo o kopantse mmele jwalo, o hlomphisitse ka ho fetisa ho neng ho hloka hlompho;
25. hore kgaohano e tle e se ke ya eba teng mmeleng, ditho di mpe di baballane.
26. Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.
27. Haele lona, le mmele wa Kreste, mme le ditho tse ding tsa hae.