1 Bakorinthe 12:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele ka dineo tsa Moya, banabeso, ha ke rate hoba le ka hloka hlalohanyo ya tsona.

2. Le a tseba hoba le ne le le bahetene ba hulelwang ditshwantshong tse sa bueng, kamoo le neng le hulanngwa kateng.

3. Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang.

4. Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela.

5. Ditshebeletso le tsona di arohane, empa Morena o mong feela.

6. Le diketso di arohane, empa Modimo o mong feela, o sebetsang tsohle ho bohle.

1 Bakorinthe 12