23. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa hase tsohle tse nang le molemo. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa ntho tsohle ha di hahise.
24. Ho se ke ha eba motho ya batlang tse tshwanelang yena a nnotshi, empa motho ka mong a ke a batle le tse tshwanelang ba bang.
25. Jang ntho tsohle tse rekwang thekisong, le sa botse letho ka baka la letswalo;
26. hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.
27. Ekare ha e mong wa ba sa dumelang a le biletsa ho ja, mme le rata ho ya, jang tsohle tse ka bewang pela lona, le sa botse letho ka baka la letswalo.
28. Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.
29. Mme ha ke bolela letswalo, hase la hao, empa e le la e mong; hobane ho se tshabe ha ka ho ka tsuwa jwang ke letswalo la e mong?
30. Mme ekare ha ke eja ka teboho, nka nyatsuwa jwang hodima seo ke lebohileng ka baka la sona?
31. Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.
32. Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,
33. jwalokaha le nna ke kgahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tshwanelang nna feela, ke mpa ke batla se tshwanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe.