1 Bakorinthe 10:12-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a wa.

13. Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.

14. Ka baka leo, baratuwa ba ka, le ke le tshabe tshebeletso ya ditshwantsho.

15. Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.

16. Senwelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano le mmele wa Kreste na?

17. Rona, bao re leng bangata, re mmele o le mong, kahoba bohobe bo le bong feela; hobane bohle re ja bohobe boo bo le bong.

18. Bonang Baiseraele, bao e leng bona ka nama: ana ba jang mahlabelo ha ba jele aletareng na?

19. Ha ho le jwalo, ke reng? Na ke re, setshwantsho ke ntho na? Kapa se hlabetsweng medimo ke ntho na? Ha ke rialo.

20. Empa ke re: Dintho tseo bahetene ba di hlabelang aletareng, ba di hlabela batemona, e seng Modimo: mme ke hana hoba le ka jesana le batemona.

21. Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.

22. Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?

23. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa hase tsohle tse nang le molemo. Ke dumeletswe ntho tsohle, empa ntho tsohle ha di hahise.

24. Ho se ke ha eba motho ya batlang tse tshwanelang yena a nnotshi, empa motho ka mong a ke a batle le tse tshwanelang ba bang.

25. Jang ntho tsohle tse rekwang thekisong, le sa botse letho ka baka la letswalo;

26. hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.

1 Bakorinthe 10