1. Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba bontate moholo ba bile bohle katlasa leru, mme bohle ba ne ba tshele lewatle;
2. ba kolobeditswe bohle ho Moshe lerung le lewatleng;
3. ba jele bohle sejo se le seng sa moya;
4. ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.
5. Empa Modimo ha o a ka wa kgahliswa ke ba bangata hara bona, haele moo ba rapaladitswe feelleng.
6. Taba tseo ke ditemoso ho rona, re tle re se ke ra lakatsa tse mpe, jwalokaha ba di lakaditse.
7. Mme le se ke la fetoha ba rapelang ditshwantsho, jwaloka ba bang hara bona; kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa ntoo ema, sa bapala.
8. Hape, re se ke ra etsa bootswa, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba ineela jona, mme ka tsatsi le le leng ha wa ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.
9. Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.
10. Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.
11. Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.
12. Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a wa.
13. Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.