1 Bakorinthe 1:9-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.

10. Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.

11. Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.

12. Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!

13. Na Kreste o kgaohane na? Kapa Pauluse o thakgiseditswe lona na? Kapa a le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na?

14. Ke leboha Modimo kahobane ke sa ka ka kolobetsa motho ho lona, haese Krispuse le Gaiuse;

15. ho tle ho se ke ha bolelwa hore le kolobeditswe ka lebitso la ka.

16. Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; haele ba bang, ha ke tsebe hoba ke kolobeditse mang.

17. Hobane Kreste ha a ka a nthoma hore ke kolobetse, empa e le hore ke bolele Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, sefapano sa Kreste se tle se se ke sa etswa lefeela.

18. Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.

19. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla fedisa bohlale jwa ba bohlale, ke fetole tsebo ya batsebi lefeela.

20. Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?

21. Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.

22. Bajuda ba kopa mohlolo, mme Bagerike ba batla bohlale;

23. empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.

24. Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.

25. Hobane bohlanya ba Modimo bo fetisa bohlale ba batho, le ho fokola ha Modimo ho fetisa matla a batho.

1 Bakorinthe 1