9. Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.
10. Ke a le rapela, banabeso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le nngwe; dikgaohano di se ke tsa eba teng hara lona, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le kgopolong e le nngwe.
11. Hobane, banabeso, ke boleletswe bakeng sa lona ke ba ha Klowe hore dikgang di teng hara lona.
12. Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!
13. Na Kreste o kgaohane na? Kapa Pauluse o thakgiseditswe lona na? Kapa a le kolobeditswe ka lebitso la Pauluse na?
14. Ke leboha Modimo kahobane ke sa ka ka kolobetsa motho ho lona, haese Krispuse le Gaiuse;
15. ho tle ho se ke ha bolelwa hore le kolobeditswe ka lebitso la ka.
16. Ke kolobeditse le ba ntlo ya Setefanase; haele ba bang, ha ke tsebe hoba ke kolobeditse mang.
17. Hobane Kreste ha a ka a nthoma hore ke kolobetse, empa e le hore ke bolele Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, sefapano sa Kreste se tle se se ke sa etswa lefeela.
18. Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.
19. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla fedisa bohlale jwa ba bohlale, ke fetole tsebo ya batsebi lefeela.