1 Bakorinthe 1:19-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla fedisa bohlale jwa ba bohlale, ke fetole tsebo ya batsebi lefeela.

20. Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?

21. Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.

22. Bajuda ba kopa mohlolo, mme Bagerike ba batla bohlale;

23. empa haele rona, re bolela Kreste ya thakgisitsweng, e leng kgopiso ho Bajuda, le bohlanya ho Bagerike.

24. Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.

25. Hobane bohlanya ba Modimo bo fetisa bohlale ba batho, le ho fokola ha Modimo ho fetisa matla a batho.

26. Banabeso, le lemoheng hle ho bitswa ha lona, hobane ba bohlale ka mokgwa wa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae.

27. Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla.

28. Hape, Modimo o ikgethetse mafeela a lefatshe, le tse songwang, le tse leng siyo, o tle o tsietse tse leng teng,

29. hore ho tle ho se ke ha eba nama, leha e le nngwe, e ithorisang pela wona.

1 Bakorinthe 1