1 Bakorinthe 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, ya bitsitsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste, ka ho rata ha Modimo, ke ena le Sosthene, ngwaneso,

2. ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;

3. ke re: Le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.

4. Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste.

5. Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;

6. kamoo bopaki ba Jesu Kreste bo tiisitsweng kateng, ka ho lona.

7. Ke ka hona le sa hlokeng mpho ya mohau leha e le nngwe, lona bao le lebeletseng ponahatso ya Morena wa rona Jesu Kreste;

8. e leng yena ya tlang ho le tiisa ho isa qetellong, le tle le be ba sa tlong ho nyatsuwa letsatsing la Morena wa rona Jesu Kreste.

1 Bakorinthe 1