7. Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.
8. Efraime o laletse Modimo wa ka. Moporofeta, sefi sa setsomi se ditseleng tsa hae tsohle; bora bo tlung ya Modimo wa hae.
9. Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.
10. Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.
11. Kganya ya Efraime e tla fofela koo jwaloka nonyana; ha ho sa tla ba ya tswetsweng, leha e le moima, le ya emolang.
12. Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!
13. Efraime, ha ke mo tadima, o hlomilwe thoteng e ntle jwaloka Tire, empa Efraime o tla ntshetsa bana ba hae ho ya ba bolayang.
14. Ba nee, Jehova! ... o tla ba neang? ... O ba nee dimpa tse tswang le matswele a omeletseng.
15. Bolotsana bohle ba bona bo Gilgale. Ke moo ke ba hloileng. Ka baka la bobe ba metsamao ya bona, ke tla ba leleka tlung ya ka. Ha ke sa tla hlola ke ba rata; marena wohle a bona ke baikgantshi.
16. Efraime o batilwe ke letsatsi; metso ya bona e omile; ha ba sa tla bea ditholwana: leha ba ka tswala, ke tla bolaya bana ba bona ba bohlokwa.