Hosea 9:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!

13. Efraime, ha ke mo tadima, o hlomilwe thoteng e ntle jwaloka Tire, empa Efraime o tla ntshetsa bana ba hae ho ya ba bolayang.

14. Ba nee, Jehova! ... o tla ba neang? ... O ba nee dimpa tse tswang le matswele a omeletseng.

15. Bolotsana bohle ba bona bo Gilgale. Ke moo ke ba hloileng. Ka baka la bobe ba metsamao ya bona, ke tla ba leleka tlung ya ka. Ha ke sa tla hlola ke ba rata; marena wohle a bona ke baikgantshi.

16. Efraime o batilwe ke letsatsi; metso ya bona e omile; ha ba sa tla bea ditholwana: leha ba ka tswala, ke tla bolaya bana ba bona ba bohlokwa.

17. Modimo wa ka o tla ba lahla, hobane ha ba ka ba o utlwa; e tla ba basepedi hara ditjhaba.

Hosea 9