3. Ka bolotsana ba bona ba thabisa morena, le matona ka mashano a bona.
4. Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.
5. Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.
6. Hobane ba isa pelo tsa bona makunutung a bona jwaloka seboping. Moapehi wa bona o robala bosiu bohle, hosasa sebopi se tuka ka malakabe a mollo.
7. Bohle ba tjhesa jwaloka sebopi ba ja baahlodi ba bona; marena wohle a bona a timela; ho wona ha ho ya bitsang ho nna.
8. Efraime o ikopanya le ditjhaba; Efraime ke senkgwa se sa kang sa fetolwa.
9. Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.
10. Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng. Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba kgutlela ho Jehova, Modimo wa bona, le ho mmatla ha ba ka ba mmatla.
11. Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.
12. Ba re ba sa ya, ke tla tjheha leraba la ka kahodima bona, ke ba theole jwaloka nonyana e sebakeng, ke ba kgalemele kamoo ke tsebisitseng phutheho ya bona kateng.
13. Ho madimabe bona, hobane ba mpalehetse! Ho lahleha bona, hobane ba nkwenehetse! Ke ne ke re, ke a ba lopolla, empa bona ba bolela mashano hodima ka.