1. Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.
2. Pelong tsa bona ha ba bolele hore ke hopotse bolotsana ba bona. Jwale, diketso tsa bona di ba teetse hare, di pela sefahleho sa ka.
3. Ka bolotsana ba bona ba thabisa morena, le matona ka mashano a bona.
4. Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.