5. Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.
6. Ka dinku tsa bona le ka makgomo a bona ba tla Jehova, empa ba ke ke ba mo fumana: o ba furaletse.
7. Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona.
8. Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!
9. Efraime o tla fetoha nahathothe tsatsing la kotlo; hara meloko ya Iseraele ke tsebisa taba e tiileng.