1. Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.
2. Ba tswela pele ho tloleng ha bona, empa nna ke tla ba kgalemela bohle.
3. Nna ke tseba Efraime, mme Iseraele ha a patehe ho nna; hobane jwale o a feba, Efraime, mme Iseraele o a itshilafatsa.
4. Diketso tsa bona ha di ba dumelle ho kgutlela ho Modimo wa bona, hobane moya wa bofebe o hara bona, mme Jehova ha ba mo tsebe.
5. Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.