1. Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
2. Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.
3. Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.
4. Ho se ke ha eba ya tsekang, ho se ke ha eba ya kgalemelang! hobane ba setjhaba sa hao ba jwaloka ba hanyetsang moprista.
5. O tla kgoptjwa motshehare, moporofeta a kgoptjwe le wena bosiu, mme ke tla fedisa mmao.
6. Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.
7. Ha ba ntse ba ngatafala, ke moo ba ntshitelwang ka ho fetisa; kganya ya bona ke tla e fetola dihlong.
8. Baprista ba iphepa ka sebe sa setjhaba sa ka, le makgopo a sona ba a lapela.
9. Ka baka leo, moprista o tla hlahelwa ke taba e le nngwe le setjhaba, mme ke tla kgalemela mekgwa ya bona, ke ba etse ka diketso tsa bona.
10. Ba tla ja, empa ba ke ke ba kgora; ba tla feba, empa ba ke ke ba ata, kahobane ba tlohetse ho hlokomela Jehova.
11. Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.