Hosea 2:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,

3. ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.

4. Le bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hobane ke bana ba bofebe;

5. hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.

6. Ka baka leo, bonang, ke tla thiba tsela ya hae ka meutlwa, ke hahe lerako teng, a tle a se ke a hlola a fumana mmila wa hae.

Hosea 2