Hosea 2:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.

11. Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.

12. Ke tla senya difate tsa hae tsa merara le tsa difeiye tseo a itseng: Ke moputso oo ke o neilweng ke dinyatsi tsa ka! Ke tla di fetola moru, di jewe ke phoofolo tsa naha.

13. Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.

14. Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.

15. Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.

16. Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, o tla mpitsa monna wa hao, ha o sa tla mpitsa Baale wa hao.

17. Ke tla tlosa mabitso a boBaale molomong wa hae, hore mabitso a bona a se ke a hlola a bolelwa.

18. Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.

19. Ke tla o nyala, o be wa ka ka ho sa feleng, ke o nyale ho lokeng, le kahlolong, le mohaung, le lerekong,

20. ke o nyale le ho tshepeheng, mme o tla tseba Jehova.

21. Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,

22. mme lefatshe le tla utlwa koro le veine le ole, tseo di utlwe Jisreele.

23. Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.

Hosea 2