Hosea 2:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bitsang banababo lona Ammi (seo e leng tjhaba sa ka), le kgaitsedi tsa lona Ruhama (ya hauhetsweng).

2. Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,

3. ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.

4. Le bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hobane ke bana ba bofebe;

5. hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.

6. Ka baka leo, bonang, ke tla thiba tsela ya hae ka meutlwa, ke hahe lerako teng, a tle a se ke a hlola a fumana mmila wa hae.

7. O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.

8. Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.

9. Ka baka leo, ke tla mo amoha koro ya ka nakong ya yona, le veine ya ka nakong ya yona, ke mo amohe boya le lene tsa ka tseo a apesang bofeela ba hae ka tsona. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae ka tsona.

10. Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.

Hosea 2