Hosea 13:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona.

7. Ho bona ke se ke le jwaloka tau, jwaloka lengau ha le lalla tseleng.

8. Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.

9. Ho o timetsang, Iseraele, ke ha o ipeile sera ho nna, ke le ya o thusang.

10. O kae morena wa hao? A o pholose metseng yohle ya hao! Le baahlodi ba bao ba kae? Athe ke ka bona bao o itseng: O nnee morena le mahosana!

11. Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.

12. Ho bofeletswe bokgopo ba Efraime, sebe sa hae se bolokilwe.

13. Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.

14. Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung?Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.

15. Leha Efraime a beha ditholwana hara banababo, moya wa botjhabela o ya foka, moya wa Jehova o ya tswa feelleng. Ho tla psha sediba sa hae, mehlodi ya hae e ome. Sera se tla hapa matlotlo a mesebetsi yohle ya bohlokwa.

16. Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.

Hosea 13