1. Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.
2. Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane!
3. Ka baka leo, ba tla ba jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoko e tlohang kapele, jwaloka mooko o fefolang seotlong, le jwaloka mosi ha o fefolwa, o etswa ka lesoba le leifo.
4. Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.
5. Nna, ke o tsebile feelleng, fatsheng le omileng.
6. Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona.
7. Ho bona ke se ke le jwaloka tau, jwaloka lengau ha le lalla tseleng.
8. Ke tla ikakgela hodima bona jwaloka bere e timeletsweng ke bana ba yona, ke harole difuba tsa bona, ke ba jele teng jwaloka tau e tshehadi; dibatana tsa naha di tla ba harola.
9. Ho o timetsang, Iseraele, ke ha o ipeile sera ho nna, ke le ya o thusang.
10. O kae morena wa hao? A o pholose metseng yohle ya hao! Le baahlodi ba bao ba kae? Athe ke ka bona bao o itseng: O nnee morena le mahosana!
11. Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.
12. Ho bofeletswe bokgopo ba Efraime, sebe sa hae se bolokilwe.