Hosea 11:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Iseraele ha a sa le motjha, ke mo ratile; ke bitsitse mora wa ka Egepeta.

2. Ere ha baporofeta ba ba bitsa, ebe moo ba ba furallang; ba hlabela boBaale, ba tjhesetsa ditshwantsho dibano.

3. Athe nna, ke rutile Efraime ho tsamaya, ke ntse ke mo tshwere ka matsoho, empa ha ba ka ba lemoha ha ke ba fodisa.

4. Ke ne ke ba hule ka kgwele tsa batho, ka kgwele tsa lerato, ke le jwaloka ya lokollang joko melaleng ya bona, ke ne ke ba atamele ka mosa ho ba fepa.

5. Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.

6. Lerumo le tla senya metseng ya hae, le fedise mekwallo ya hae, le ba qete ka baka la merero ya bona.

7. Setjhaba sa ka se tiiseditse ho nkwenehela; leha ba biletswa hodimo, ha ho le a mong ya emisetsang pelo ya hae teng.

8. Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.

Hosea 11