Hosea 1:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. mme mohlang oo, ke tla roba seqha sa Iseraele thoteng ya Jisreele.

6. Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.

7. Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.

8. Yaba Gomere o kgwesa Lo-Ruhama, mme a boela a emola, a tswala moshanyana. Yaba Jehova o re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ammi (seo e seng setjhaba sa ka);

9. hobane lona, ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke sa le wa lona.

10. Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.

11. Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.

Hosea 1