1. Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.
2. Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.
3. Yaba o ya, a nka Gomere, moradi wa Diblaime; mme eo a emola, a mo tswalla moshanyana.
4. Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele;