Haggai 2:12-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe.

13. Yaba Haggai o re: Ha motho ya silafatseng ka baka la mofu a ama e nngwe ho ntho tseo, na e tla silafala na? Baprista ba araba, ba re. E tla silafala.

14. Yaba Haggai o ahlamisa molomo wa hae, a re: Ho jwalo le setjhaba sena, ho jwalo le moloko ona pela ka, ho bolela Jehova, ho jwalo le mosebetsi wohle wa matsoho a bona, le seo ba se tlisang mona: se ditshila.

15. Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao.

Haggai 2