Habakuke 3:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Thapelo ya moporofeta Habakuke, e tle e binwe ka Shigionothe:

2. Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!

3. Modimo o a tla, o tswa Themane, Mohalaledi o tswa thabeng ya Parane! (Sela.) Kganya ya hae e akaretsa lehodimo, lefatshe le tletse letlotlo la hae.

4. Ho hlaha kganya e kang ya letsatsi; mahlasedi a tswa ho yena; ke moo matla a hae a patetsweng teng.

5. O etellwa pele ke lefu la sewa, lefu le tjhesang le mo sala morao.

6. O a ema, mme o thothometsa lefatshe; o a tadima, mme o tlakasedisa ditjhaba; dithaba tsa kgale di a qhalana, o pharama le maralla a boholoholo. Tsela tsa hae ke tsa boholoholo.

7. Ke bone ditente tsa Ethiopia di imelwa ke tlokotsi, ho thothomela le masela a ditente tsa lefatshe la Midiane.

8. Hleka bohale ba hao bo tuketse dinoka, Jehova? hleka bo tuketse dinoka? a o halefetse lewatle, ha o tsamaya ka pere tsa hao le makoloi a hao a poloko?

9. Seqha sa hao se kgurumolotswe, se hlahile; metsu ya hao ke lentswe la hao ha le kgalemela. (Sela.) O petsola lefatshe, ho le fetola dinoka.

10. Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.

11. Letsatsi le kgwedi di eme nqalong tsa tsona ke ho tshoha lesedi la metsu ya hao e fetang, le kganya ya lerumo la hao le phatsimang.

12. O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.

13. O tswela ho pholosa setjhaba sa hao, ho pholosa motlotsuwa wa hao! O thuhaka hlooho ya ntlo ya e mobe, o be o kwaholle metheo ya yona, o e senye ho isa marulelong. (Sela.)

14. Ka dibetsa tsa hao, o hlaba hlooho tsa bahlabani ba hae, ba tlang jwaloka sefefo ho tla re hasanya, ba bileng ba nyakalla jwaloka hoja eka ba se ba ya ja mafutsana sephiring.

Habakuke 3