Habakuke 2:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Kahobane o lobetse ditjhaba tse ngata, masala wohle a ditjhaba a tla o lobela, ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse, le bohle ba ahileng ho wona.

9. Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng!

10. O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.

11. Hobane lejwe le howa le le lerakong, mme balaka yona e le arabela e le marulelong!

12. Ho madimabe ya hahang motse ka madi, ya theang motse o matla ka bolotsana!

13. Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela?

14. Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.

15. Ho madimabe ya nosang wa habo, wena ya tswakanyetsang ba bang seno sa kgalefo ya hao, o bileng o ba tahisa, o tle o tadime bofeela ba bona!

16. O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.

17. Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.

18. Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?

19. Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.

20. Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!

Habakuke 2