Habakuke 2:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ho madimabe ya hahang motse ka madi, ya theang motse o matla ka bolotsana!

13. Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela?

14. Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.

15. Ho madimabe ya nosang wa habo, wena ya tswakanyetsang ba bang seno sa kgalefo ya hao, o bileng o ba tahisa, o tle o tadime bofeela ba bona!

16. O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.

17. Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.

18. Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?

19. Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.

20. Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!

Habakuke 2