Habakuke 2:12-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ho madimabe ya hahang motse ka madi, ya theang motse o matla ka bolotsana!

13. Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela?

14. Hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya kganya ya Jehova, jwaloka metsi ha a aparetse lewatle.

Habakuke 2