1. Ke tla ema tulong ya ka ya bolebedi, ke tla hlwella toreng ya sebohodi, ke tle ke lebele ho bona seo Jehova a tla se bolela ka ho nna, le seo nka fetolang dillo tseo tsa ka ka sona.
2. Ebile Jehova o nkarabella ka ho re: Ngola tshenolo, e betle mamatjaneng, hore ya balang a e bale habonolo;
3. hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.
4. Bona, moya wa hae o hohomohile, ha o a loka ka ho yena; empa ya lokileng o tla phela ke tumelo ya hae.
5. Hape, veine e a thetsa; monna ya ikakasang a ke ke a tiya. Eo ya ahlamisitseng moya wa hae jwaloka lebitla, ya tshwanang le lefu, ya se nang ho kgolwa, ya ipokellelang ditjhaba tsohle, ya ipokanyetsang merabe yohle ...
6. ditjhaba tseo kaofela na di ke ke tsa etsa papiso hodima hae, le pina ya sesomo, le dilotho na? Mme ho tla thwe: Ho madimabe ya ipokellelang seo e seng sa hae, ... o tla nne a etse jwalo ho le hokae? ... ya ipelesang ka tse amohilweng!
7. Na ba ke ke ba ema hang ba tlang ho o loma? Na ba ke ke ba tsoha ba tlang ho o leleka, o tle o be kgapo ya bona?