Habakuke 1:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang;

16. ka baka leo, o thabela letanta la hae, o tjhesetsa letlowa la hae dibano, hobane ke ka tsona kabelo ya hae e nonneng, le dijo tsa hae di hlabosang.

17. Ha ho le jwalo, na e ka kgona a nne a tsholle letlowa la hae, a tle a bolaye ditjhaba kamehla, a se na mohau na?

Habakuke 1