3. Dintho tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona; ke le neile tsona tsohle, jwalokaha ke le neile dimela tse tala.
4. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba yona, ke ho re, madi a yona.
5. Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.
6. Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.
7. Lona, atang, le ngatafale, le tlale haholo lefatsheng, mme le ngatafale teng.
8. Modimo wa bolella Nowe le bara ba hae bao a nang le bona, wa re:
9. Bonang, nna ke tiisa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona tse le hlahlamang,
10. le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, leha e le dinonyana, leha e le makgomo, le diphoofolo tsohle tsa lefatshe tseo le nang le tsona, ho qala ka tse tswileng arekeng ho isa ho tsohle tse utlwang lefatsheng.