25. A re: Ho rohakwe Kanana; e tla ba mohlanka wa bahlanka ba banababo.
26. A re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.
27. Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.
28. Nowe a phela kamorao ho morwallo dilemo tse makgolo a mararo a mashome a mahlano.
29. Dilemo tsohle tsa Nowe tsa eba makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mahlano; mme a shwa.