Genese 9:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. mme ke tla elellwa selekane sa ka se mahareng a ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle, mme metsi a ke ke a boela a etsa morwallo, ho fedisa nama yohle.

16. Mookodi o tla bonahala marung, mme ke tla o tadima, ke elellwe selekane sa ka mehla se emeng mahareng a Modimo le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle tse lefatsheng.

17. Modimo wa re ho Nowe: Ke yona pontsho ya selekane seo ke se beileng mahareng a ka le nama yohle e lefatsheng.

18. Bara ba Nowe ba tswileng arekeng ke Sema, le Kama, le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.

19. Ke bona bara ba bararo ba Nowe bao lefatshe le tletseng batho ka bona.

20. Yaba Nowe o qala ho lema mobu, a hloma merara.

21. A nwa veine, a tahwa, mme a ikapola ka tenteng ya hae.

22. Kama, ntata Kanana, a bona bofeela ba ntatae, mme a ya bolella banababo ba babedi kantle.

23. Sema le Jafeta ba nka kobo, mme ba e bea mahetleng a bona ba babedi, mme ba tsamaya kasanthao, ba apesa bofeela ba ntata bona, difahleho tsa bona die furaletse, mme ba se ke ba bona bofeela ba ntata bona.

24. Nowe ha a hlaphohelwa ke veine ya hae, a tseba seo mora hae e monyenyane a mo entseng sona.

25. A re: Ho rohakwe Kanana; e tla ba mohlanka wa bahlanka ba banababo.

26. A re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.

27. Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.

Genese 9