Genese 9:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ke tiisa selekane sa ka le lona, mme nama yohle ha e sa tla boela e fediswe ka metsi a morwallo; mme ho ke ke ha hlola ho eba le morwallo o senyang lefatshe.

12. Modimo wa re: Pontsho eo ke le fang yona ya selekane sa ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, ho isa masikeng le masikeng, ke yona ena:

13. Ke bea mookodi wa ka marung, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lefatshe.

14. Etlare ha ke kwahetse lefatshe ka maru, mookodi o tla bonahala marung,

15. mme ke tla elellwa selekane sa ka se mahareng a ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle, mme metsi a ke ke a boela a etsa morwallo, ho fedisa nama yohle.

16. Mookodi o tla bonahala marung, mme ke tla o tadima, ke elellwe selekane sa ka mehla se emeng mahareng a Modimo le dintho tsohle tse utlwang tsa nama yohle tse lefatsheng.

17. Modimo wa re ho Nowe: Ke yona pontsho ya selekane seo ke se beileng mahareng a ka le nama yohle e lefatsheng.

Genese 9