2. Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa.
3. Metsi a nna a kgutla, a tloha hodima lefatshe, a tsamaya a ntse a kgwehla, mme ditshiu tse lekgolo le mashome a mahlano ha di fetile, metsi a be a kokobetse.
4. Ka tsatsi la leshome le metso a supileng la kgwedi ya bosupa, areka ya ema hodima dithaba tsa Ararate.
5. Metsi a nna a qepha ho isa kgweding ya leshome. Ka kgwedi ya leshome, ka tsatsi la pele la kgwedi, dihloro tsa dithaba tsa hlaha.
6. Eitse ditshiu tse mashome a mane ha di fetile, Nowe a bula lesoba la areka leo a neng a le entse.
7. A ntsha lekgwaba, mme ho yeng la ya, la boya, ho fihlela metsi a epsha lefatsheng.
8. A ba a ntsha leeba ho bona ha ekaba metsi a fokotsehile hodima lefatshe.
9. Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng.
10. A boela a dula ditshiu tse supileng, a ntoo ntsha leeba hape arekeng.
11. Mantsiboya, leeba la kgutlela ho yena, mme bona, le ne le na le lehlaku la mohlwaare molomong wa lona, le kgweboditsweng; mme Nowe a tseba hobane metsi a kgwehlile lefatsheng.
12. A lebadisa hape ditshiu tse supileng, a boela a ntsha leeba, mme ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena.
13. Ka selemo sa makgolo a tsheletseng a motso o mong sa ho phela ha Nowe, ka tsatsi la pele la kgwedi ya pele, metsi a be a se a monyetse lefatsheng; mme Nowe a tlosa sekwahelo sa areka, mme a bona lefatshe hoba le se le ponne.
14. Ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe la be le omile.